Ho Dula Le Ntate
I.P.C.C.
4:16
Joko ea hao e bobebe (Joko ea hao e bobebe)
E bobebe (E nkgatholola pelo)
Tumelo ho 'na ke thebe (Tumelo ho 'na ke thebe)
O ke thebe (E tla mphemisa lefu)
Nyakallo (Nyakallo ke e fumane)
Ke e fumane (Tseleng ea hao Morena)
Dira ho'na di qhalane (Dira ho'na di qhalane)
Di qhalane (Ke hloletsoe ke uena)
O re ho 'na ke lelale (O re ho 'na ke lelale)
Ke lelale (Ke tshepe lehodimo)
Moeti ha a kgathale (Moeti ha a kgathale)
Ha a kgathale (O pepjoa ke Modimo)
Efela ho dutse joalo (Efela ho dutse joalo)
Ho dutse joalo (Esale o nthatile)
O mphodisitse matsoalo (O mphodisitse matsoalo)
O matsoalo ('Me joale ke thabile)
Ha ke re ke mofutsana (Ha ke re ke mofutsana)
Ke mofutsana (O re che, o na le 'na)
Ha ke re khoro ea hana (Ha ke re khoro ea hana)
Khoro ea hana (O re che, o tla kena)
Ho tla ba joang ha ke siea (Ho tla ba joang ha ke siea)
Ha ke siea (Kobo ena e bolang)
Ke be joale ka Eliya (Ke be joale ka Eliya)
Ka Eliya (Ka koloi e fofang)
Ke tla opa ka diatla (Ke tla opa ka diatla)
Ka diatla (Ke tla re Alleluya)
Alleluya o senatla (Alleluya o senatla)