Ke Holisitsoe Ka Malingoana

Ke Holisitsoe Ka Malingoana

Sannere

Длительность: 3:56
Год: 2024
Скачать MP3

Текст песни

Nkase hloloe ntoeng ea leleme
Ke holisitsoe ka Malingoana
Tloholo sa Kholu le Mokhachane
Ke ngoana peo ea letlama
Nkase hloloe ntoeng ea leleme
Ke holisitsoe ka Malingoana
Tloholo sa Kholu le Mokhachane
Ke ngoana peo ea letlama
'Na ke tseba bokhang ba monna bo bonoa ha ho thijoa lihoboro
Ke holisitsoe ka lifela tse thata holima mekorotlo
'Na ke tseba bokhang ba monna bo bonoa ha ho thijoa lihoboro
Ke holisitsoe ka lifela tse thata holima mekorotlo
Nkase hloloe ntoeng ea leleme
Ke holisitsoe ka Malingoana
Ke ngoana peo ea Tlaputle

Ha ne ke hlaea, ho no thoe molomong oaka ho tlo lutla pula
Ha nka ka kapela pina seemeng mapepele a tlo nthula
Ha ne ke utsoa pina, beat e ne e le molumo oa sethunya
Ke kahoo u utloang ke iketlile, ke utloa ka qhomane li luma
Ke holisitsoe ke li kheleke, leha ne ke fosa ne li mpinela
Li re, "Khutla mekhoeng Letebele, ha u etsa tjena u lo time, la
Hae oh, oh, ha u etsa tjena u lo timeee, la"
Seh
Haa

Nkase hloloe ntoeng ea leleme
Ke holisitsoe ka Malingoana
Tloholo sa Kholu le Mokhachane
Ke ngoana peo ea letlama
Nkase hloloe ntoeng ea leleme
Ke holisitsoe ka Malingoana
Tloholo sa kholu le Mokhachane
Ke ngoana peo ea letlama
'Na ke tseba bokhang ba monna bo bonoa ha ho thijoa lihoboro
Ke holisitsoe ka lifela tse thata holima mekorotlo
'Na ke tseba bokhang ba monna bo bonoa ha ho thijoa lihoboro
Ke holisitsoe ka lifela tse thata holima mekorotlo
Nkase hloloe ntoeng ea leleme
Ke holisitsoe ka Malingoana
Ke ngoana peo ea Tlaputle

Ke holisitsoe ka likhanrula, haeso ba tloaetse melumo
Ha le mpona ke itetse pineng, ke ntse ke phetha thomo
Ho itsoe ke tsebe hore tlhompho ea motho oa monna e lutse moqhakeng oa tlholo
Haeso bokeno bo tla thatafala, seka koriana le marumo
Hai, hoja Moshoeshoe o ne a ntse a phela, a ka be a nkentse foroso ea mabotho
Kabe ke bina pina tsa likhang, empa kea tseba moo a teng o motlo-tlo
O lutse letsohong le letona la Ramaseli Balimong
Kea tseba moo a teng o motlo-tlo
Seh
O ntsare Sannere joetsa kheleke tsena hore hohaang

U ka se hloloe ntoeng ea lekeme, uena tholoana ea mali aka
Tloholo sa Kholu le Mokhachane
U ngoana peo ea letlama
U ka se hloloe ntoeng ea lekeme, uena tholoana ea mali aka
Tloholo sa Kholu le Mokhachane
U ngoana peo ea letlama
Hantle u tseba bokhang ba monna bo bonoa ha ho thijoa lihoboro
U holisitsoe ka lifela tse thata holima mekorotlo
Hantle u tseba bokhang ba monna bo bonoa ha ho thijoa lihoboro
U holisitsoe ka lifela tse boima holima mekorotlo
U ka se hloloe ntoeng ea lekeme, uena tholoana ea mali aka
U ngoana peo ea Tlaputla